BOPHELO BO BOTLE HO YA HO ILE
Ho ja ho tletseng bophelo bo botle
BOPHELO BA HAO BO BOTLE BO DIATLENG TSA HAO
Bukana ya bo-2
Selelekela
Ho na le mafu a mangata ao re a futsang ho batswadi ba rona le bonkgono le bontatemoholo ba rona. Ho na le ho honyane haholo kapa ha ho letho hoo re ka ho etsang ho thibela mafu ana.
Leha ho le jwalo, ho na le mafu a mang ao re a fumanang ka lebaka la mokgwa oo re phelang ka wona.
Haeba:
ha re je dijo tse nepahetseng ha re kgathalle mebele ya rona re ka nna ra kenwa ke mafu ana.
Mafu ana a bitswa mafu a mokgwa wa bophelo.
Bukana ena e fana ka tlhahisoleseding mabapi le tse ding tsa dintho tseo o ka di etsang ho thibela mafu ana.
Hopola, ke mmele wa hao. Bophelo ba hao bo botle bo diatleng tsa hao. Kahoo he, itlhokomele.
Bukana ena e hodima Ho ja ho tletseng bophelo bo botle ke e le nngwe lethathameng la dibukana tsena.
Dibukana tse ding lethathameng lena ke:
Ho boloka meno le molomo wa hao di phetse hantle
Ke kgetha ho se sebedise kwae
Ho dula o le mahlahahlaha hore o dule o phetse hantle
Ho nwa ka kelello
Ho ba le boikarabelo ho tsa thobalano
Ho itlhokomela
Dijo ke ntho ya bohlokwa haholo bakeng sa bophelo. Dijo di boetse di etsa bophelo bo re natefele. Nahana hore re nyakalla jwang ka ho ja dijo tse monate le ba malapa a rona le kamoo meketjana eo e seng monate haholo ha ho se na dijo tse ngata tse monate.
Ha re ntse re natefelwa ke dijo tsa rona, ke ha bohlokwa hore re je ka bohlale. Bala bukana ena ho fumana kamoo dijo di leng bohlokwa ka teng le hore re tshwanetse ho ja eng le ha ka kang.
Qetang motoho wa lona le lebese bana ? ke nako ya sekolo
Dijo tse lokileng di le thusa ho ithuta hantle
Boko le mebele ya bana ba holang e hloka tekanyetso e lekaneng ya dijo letsatsi ka leng ho hola ka ho phethahetseng
Dudu, ho etsahala jwang hore phoofolo e kgolo e fumane dijo tsohle tseo e di hlokang ka ho ja jwang feela?
Bona Rachel, mmele wa motho o sebetsa ka ho fapaneng ? re hloka phepo e tletseng bophelo bo botle ya mefutafuta ya dijo hore re phele hantle re be matla
Dudu, kena re nwe teye ? mmoho le kuku e monate e tlileng le ausi motsemoholong moo a sebetsang teng
Ke kopa sekotwana se senyenyane feela, ke a leboha
Tsena ke ditshwantsho tsa ba lelapa mme ausi ke enwa ? o rata dipompong, le dintho tse tswekere
Mme ho a bonahala, Rachel ? o shebahala a nonne ho feta tekano ? dijo tse ngata tse tswekere le tse sefuweng di atisa ho baka keketseho ya mmele
Ee Rachel ? ho nona haholo le hona ho ka baka ho kula hampe haholo.
Empa tsebo ya rona ya seo re tshwanetseng ho se ja e ka re thusa ho qoba sena le ho fokotsa boima ba mmele ka ho kgetha mofuta le tekanyetso e nepahetseng ya dijo tsa ho ja
Tsena ke ditshwantsho tsa dithathohatsi tsa mora wa ka ? ke motshehetsi e moholo wa Bafana Bafana!
Mme mona o bona phapang ? batho bana ba mahlahahlaha haholo ba hloka phepo e fapaneng haholo ho ya ausi wa hao ya sebetsang kantorong
Ke hobaneng dijo e le tsa bohlokwa
Lebitso la ka ke Dudu. Bukaneng ena re bua ka ho ja ho tletseng bophelo bo botle. Dijo ke seo o se jang kapa o se nwang hore o dule o phela. O tshwanetse ho ja dijo tse nepahetseng hore o be le bophelo bo botle, ho sebetsa hantle le ho phela nako e telele.
Dijo tsohle di na le dintho tse pedi tse re bolokang re phela: matla le diotlammele.
Koloi e tshwanetse ho ba le petrole hore e tsamaye. Ka mokgwa o tshwanang, dijo di neha mmele matla a ho tsamaya le ho etsa dintho tseo o ratang ho di etsa.
Diotlammele ke dintho tse molemo tse fumanehang dijong. Ditotlammele tse fapafapaneng di na le mabitso a fapafapaneng mme di etsa dintho tse fapafapaneng mmeleng wa hao. Diotlammele tse ahang mmele wa hao le ho o boloka o le matla di bitswa diprotheine. Diotlammele tse o sireletsang kgahlanong le ho kula di bitswa divithamine le diminerale.
Dijo kaofela ha di na tekanyetso e tshwanang ya matla le diotlammele.
Dijo tse ka hodimo ka mona di na le tse ngata tsa diotlammele tse ahang mmele kapa diprotheine.
Dijo tsena di na le tse ngata tsa diotlammele tse sireletsang, divithamine le diminerale.
Hopola ho hlatswa ditholwana le meroho pele o e ja.
Dijo tse ka hodimo ka mona di fana ka matla a eketsehileng. Dijo tse ding mokgahlelong ona ke matokomane le dilentils.
Ebe phepo e tletseng bophelo bo botle ke eng?
Phepo ya hao ke dijo tseo o di jang letsatsi ka leng. Ho fumana diotlammele tsohle mmoho le matla, o tshwanetse ho ja mefutafuta (mefuta e mengata e fapaneng) ya dijo letsatsi ka leng. Bakeng sa phepo e tletseng bophelo bo botle, kenya tse eketsehileng tsa dijo tse ahang mmele mmoho le dijo tse pedi kapa ho feta tse sireletsang ho dijo tsa hao tsa tlwaelo ka dinako tse ding le tse ding tsa ho ja. Leka ho kgetha ho arohileng nako le nako.
O boetse o hloka ho ja dijo habedi kapa hararo ka letsatsi. Tse ding tsa dijo tsena di tshwanetse ho ba tsa hoseng.
Bana ka ho ikgethang ba tshwanetse ho ba le seo ba se jang pele ba ya sekolong. Hopola, bana ba atisa ho hloka dijo tse eketsehileng pakeng tsa dinako tsa ho ja hobane dimpa tsa bona di nyenyane mme ba ka se kgone ho ja dijo tse ngata ka nako e le nngwe.
Dijo tsa mona lapeng di lokile bakeng sa phepo e tletseng bophelo bo botle. Hantlentle, phepo ya setso ya baholoholo ba hao (eo ba bangata ba sa ntseng ba e latela) ke phepo e tletseng bophelo bo botle haholo fela.
Dijo tse lokileng tseo o di jang ntho e ka bang letsatsi le letsatsi tse jwalo ka phoofo, reise, mabele, borotho, ditapole di bitswa dijo tsa motheo. Dijo tsena di o neha matla ekasita le diotlammele tse ding tse ahamg le tse sireletsang mmele. Dijo tsena di o etsa o ikutlwe o kgotse. Hobane di sa sefuwa, di na le ditlheferetsi ho tsona, mme tsona di o loketse.
Ka bomadimabe, batho ba bang lebala kamoo dijo tsa bona tsa motheo di lokileng ka teng. Batho bana ba atisa ho emisa ho ja dijo tsa bona tsa mehla hang ha ba kgona ho reka tse theko e hodimo.
Ka lebaka la sena, phepo ya bona ka dinako tse ding e ba e se nang bophelo bo botle.
Dinoki le dinatefisi
Batho ba tshela dinoki le dinatefisi (jwalo ka poere ya kheri, matswai a natefisang, pepere, tswekere) dijong ho di etsa di latswehe ha monate. Bongata ba dinoki tsena le dinatefisi tsena ha di na diotlammele. Leha e le hore mmele wa hao o hloka letswai, o hloka le lenyenyane haholo letsatsi ka leng; halofo ya thispunu ka letsatsi. Leka ho qoba dijo tse jwalo ka diphae le ditjhipse.
Dijo tsa diseneke ke dijo tse jewang pakeng tsa dinako tsa dijo. Ho ja diseneke pakeng tsa dinako tsa ho ja ho boloka mmele wa hao o sebetsa ka ho phethahala letsatsi lohle. Bana ba hloka ho ja diseneke pakeng tsa dinako tsa dijo. Diseneke ke tsa bohlokwa empa o tshwanetse ho ja mefuta e nepahetseng ya dijo jwalo ka diseneke. Bongata ba batho ba thabela dijo tsa diseneke tse jwalo ka ditjhipse, dipompong, ditjhokolete, dinomaphodi, dikuku, dibiskiti, teye le kofi. Ka bomadimabe, mefuta ena ya dijo ha se dijo tse tletseng bophelo bo botle. Hape di theko e hodimo. Bakeng sa nako ya diseneke:
neha ngwana wa hao dijo tse jwalo ka samentjhisi sa pinabatha le jeme, ditholwana le se seng sa ho nwa se jwalo ka metsi, lero kapa lebese.
kgothaletsa ngwana wa hao ho reka feela ditholwana ho tswa ho bahwebi ba tsona.
o tshwanetse ho hopola hore dijo tsa diseneke le ka mohla ha di a tshwanela ho jewa sebakeng sa dijo tse ding tse tletseng bophelo bo botle.
Eja ho phethahatsa ditlhoko tsa hao
Ntho e ka etsang pedi ho tharo ya boima ba mmele wa motho e entswe ke metsi, mme dithishu tsohle tsa mmele di na le metsi.
Metsi ha a na dife kapa dife tsa diotlammele tse fumanwang dijong tse fapafapaneng, empa a a hlokahala bakeng sa bophelo.
Metsi ke a bohlokwa haholo bophelong ba hao
Hantlentle, diphedi tsohle ho kenyeletswa diphoofolo le dimela, di hloka metsi. Mesebetsi ya bohlokwa ya metsi ke:
ho boloka themperetjhara ya mmele e le setlwaeding;
ho thusa mmele ho ntsha dihlahiswa tse ditshila.
Ke ha bohlokwa ho nwa bonyane dikgalase tse tsheletseng tsa metsi ka letsatsi ho etsa bonnete ba hore mmele wa hao o na le metsi a hlokahalang. Mmele wa hao o lahlehelwa ke metsi a mangata ha ho tjhesa, ka ho fufulelwa le ho rota. Matsatsing a tjhesang o a nyorwa (o batla ho nwa mekedikedi) haholo hobane mmele wa hao o haellwa ke metsi.
Bophelo ba rona bo botle bo itshetlehile ho seo re se jang. Phepo e tletseng bophelo bo botle e o neha matla a lekaneng mmoho le diotlammele bakeng sa ho hola, ho boloka mmele o tletse bophelo bo botle le bakeng sa ho sebetsa, ho bapala le ho etsa dintho tseo o ratang ho di etsa.
Batho bana ba hloka matla a mangata
Batho bana ba hloka matla a manyenyane
Ke efe tekanyetso e nepahetseng ya dijo ?tse fanang ka matla? tseo re tshwanetseng ho di ja?
Ha re tadime tekanyetso ya dijo tseo o tshwanetseng ho di ja. Hore o ja dijo tse ka kang, (haholoholo dijo tse nang le matla a eketsehileng ho tsona), ho tla itshetleha ho ditlhoko tsa hao. Batho ba fapaneng ba hloka ditekanyetso tse fapaneng tsa matla.
Ngwana o ja tekanyetso e lekaneng ya dijo tse fanang ka matla ha a hola hantle. Bua le mooki tleleniking ho fumana hore na ebe ngwana wa hao o hola ka ho nepahetseng.
Motho e moholo o ja tekanyetso e lekaneng ya dijo ha a dula a na le boima bo nepahetseng ba mmele. Bua le mooki tleleniking ho o thusa ho fumana hore boima bo nepahetseng ba mmele bakeng sa hao ke bofe.
Ha motho a ja dijo tse fanang ka matla tse ngata ho feta kamoo a di hlokang ka teng, dijo tse sa sebediswang di tla bolokwa jwalo ka mafura mmeleng. Boima ba mmele ba motho enwa bo tla eketseha. Motho ya nonneng haholo ke motho ya nang le mafura a mangata a mmele. Motho ya jang dijo tse nyenyane tse fanang ka matla ho feta kamoo a di hlokang o tla theoha mmeleng hobane mmele o tla sebedisa mafura afe kapa afe ao o a fumanang ho etsa matla.
O tshwanetse ho ba le phepo e tletseng bophelo bo botle mme o tshwanetse ho ja dijo tse lekaneng ho phethahatsa ditlhoko tsa hao tsa boqo.
Phepo e se nang bophelo bo botle e tla o etsa o se be le bophelo bo botle
Mehlala ya phepo e se nang bophelo bo botle ke:
Ho se je mefutafuta e fapaneng ya dijo letsatsi ka leng
Ho se je ka dinako tsa ho ja kapa ho ja hanngwe feela ka letsatsi
Ho ja dijo tse ngata ho feta kamoo mmele wa hao o hlokang ka teng
Ho ja dijo tse sefuweng ho e na le dijo tse foreshe tsa tlhaho
BATHO BA NONNENG HO FETA TEKANO
Matsatsing a kajeno ho na le batho ba bangata ba nonneng ho feta tekano ho e na le mehleng e fetileng hobane batho ba bangata ba fetotse tsela eo ba phelang le ho ja ka yona. Ho tea mohlala:
Batho ba ja dijo tse mafura tse jwalo ka ditjhipse ho e na le ho ja papa ya lephotho bakeng sa dijo tsa motsheare. (Dikantining tsa dikhampani tse ding, basebetsi ba na le kgetho pakeng tsa ho reka dijo tsa ?sekgowa? le dijo tsa setso tse jwalo ka papa, setampo, madombe (dimela tsa habo dipotata), jwalo jwalo)
Batho ba atisa ho hadika dijo ka mafura ho e na le ho di bidisa hobane ho hadika ho a potlaka mme ho bonolo
Batho ba atisa ho reka dijo tse mafura tse jwalo ka kgoho e hadikiweng, poloni le diphae tsa nama
Batho ba ja dijo tsa diseneke tse fanang ka matla a hodimo tse jwalo ka ditjhokolete le ditjhipse ho feta tekano
Batho ba bang ba nwa dinotahi le biri e ngata ho feta tekano
Batho ha ba sa le mahlahahlaha jwalo kamoo ba neng ba le ka teng pele
Batho ba bang ba ja dijo tse ngata nakong e nngwe le e nngwe ya ho ja kapa diseneke tse ngata tse fosahetseng pakeng tsa dinako tsa ho ja.
Ke hobaneng ho se na bophelo bo botle ho nona ho feta tekano?
Batho ba nonneng ho feta tekano ba na le mafura a mangata a mmele. Ba monyetleng o moholo wa ho ba le mathata a bophelo bo botle ho feta batho ba sa nonang ho feta tekano. Mathata a tlwaelehileng ka ho fetisisa ao batho ba nonneng ho feta tekano ba nang le ona ke:
lefu la pelo setrouku kgatello e hodimo ya madi (haepathenshene)
lefu la tswekere majwe nyookong mathata a mokokotlo le manonyelletso a bohloko mathata a tshilo ya dijo
Mathata ana a bophelo bo botle a ka etsa hore batho ba holofale kapa ba shwe ba sa ntse ba le batjha. Jwalo kaha o bona, ha ho a loka ho nona ho feta tekano.
MAELE A HO THEOLA MMELE
Tsela e molemohadi ya ho theola mmele ke ho ikwetlisa le ho ja phepo e tletseng bophelo bo botle.
Eja dijo tse nang le ditlheferetsi tse ngata tse jwalo ka borotho ba koro, outse, dinawa, dilentils, ditholwana le meroho. Di tla thusa ho o kgorisa.
Eja dijo tse nyenyane hararo ka letsatsi. Qala letsatsi ka leng ka dijo tsa hoseng. Ha o fetwa ke nako ya dijo, o tla lapa, mme o batle ho ja haholo hammamorao.
Batho ba bangata ba tla theoha mmeleng ha ba ja dijo tse nyenyane.
Eja butle mme o hlafune dijo tsa hao hantle.
Eja methamo e menyenyane ya dijo ka nako mme o emise ha o utlwa o kgotse.
Ha o nwa metsi a mangata pakeng tsa dinako tsa ho ja, ha o na ho ikutlwa o lapile haholo.
Ho nwa dinotahi ho o etsa o none. Se ke wa nwa.
Eba mahlahahlaha ka ho eketsehileng!
Tsena ke tse ding tsa dijo tse fanang ka matla a mangata tseo o tshwanetseng ho ja/nwa tse nyenyane haholo tsa tsona. Tsona ke:
Tswekere: Tswekere e ngata kofing le teyeng, motohong, ho dipompong, dinomaphodi, aesekrime, jeme, mahe a dinotshi, dikuku le phuding di tshwanetse ho qojwa.
Dijo tse sefuweng: Eja dijo tse seng kae ho feta tsa motheo tse sefuweng, tse jwalo ka borotho bo bosweu, reisi e tshweu, folouru e tshweu, nama e ka makotikoting le e nngwe e sebeditsweng e jwalo ka poloni. Dijo tsena di na le matla a mangata mme di na le diotlammele le ditlheferetsi tse seng kae feela.
Mafura le dioli: Mafura le dioli di na le matla a mangata mme di tshwanetse ho jewa hanyenyane haholo. Mehlala ya dijo tsena ke botoro, mafura a kolobo, kase ya lebejana le phethahetseng, majarine, lebejana, oli, nama e mafura, ditjhipse tsa ditapole, le disoseje. Sebedisa oli e nyenyane haholo ya meroho ha o pheha, kapa o se e sebedise ho hang, mme o se ke wa hadika dijo. Tlosa mafura nameng mme o tlose letlalo nameng ya kgoho pele o e pheha (bongata ba mafura bo ka tlasa letlalo). Sebedisa lebese la mafura a manyenyane ho e na le lebese le tletseng lebejana.
Dinotahi le biri: Se ke wa atamela tsena, ha ho kgoneha. Ha o hatella ho nwa, fokotsa kamoo o nwang dinotahi le biri ka teng.
Na ebe o ka re thusa, Dudu?
Ke na le bothata le boima ba ka. Ke nonne ho feta tekano mme ngaka e mpolelletse hore ke tshwanetse ho theola mmele.
Motswalle o sisintse hore ho nwa kgalase ya metsi a futhumetseng le lero la sirilamunu hoseng ho hong le ho hong, ho tla nthusa ho theola mmele. Ke etsa sena empa ha ke bone letho.
Tsela e leng nngwe eo o tlang ho theola mmele ka yona ke ho ja hanyenyane, haholoholo dijo tse fanang ka matla, ho ikwetlisa, le ho qoba dijo tse nang le matla a mangata tse jwalo ka tswekere, dijo tse sefuweng, jwala, dioli le mafura. Hopola hore lebaka le o nonntsheng ke hore o ne o ntse o ja ho feta kamoo mmele wa hao o neng o hloka ka teng, haholoholo dijo tse nang le matla a managata haholo ho tsona. Kgalase ya metsi le lero la sirilamunu, feela, di ka se o thuse. Hantlentle, ha ho na pilisi, enjekeshene, setlolo kapa fomula ya mohlolo e tlang ho tlhotlha mafura mmeleng.
Henry, ntho e molemohadi bakeng sa hao ke ho ja dijo tse nang le phepo e tletseng bophelo bo botle. Qoba dijo tse nang le matla a mangata, eja ditholwana le meroho e mengata, se ke wa ja pakeng tsa dinako tsa dijo, mme qalella ho itlhakisa. O tla hle o theole mmele ka tsela ena.
Ke ne ke ile ngakeng e seng kgale. Ngaka e itse ke na le kgatello e hodimo ya madi. E mpolelletse hore kgatello ya ka ya madi e tla theoha ha ke theola mmele.
Ke tshwanetse ho ja eng hore ke theole kgatello ya ka ya madi?
Ya Kgathatsehileng
Ya Kgathatsehileng ya Ratehang
Kgatello e hodimo ya madi, jwalo fela ka lefu la pelo le lefu la tswekere le bakwang ke tsela ya bophelo, di atisa ho ba ka lebaka la:
ho nona ho feta tekano ka lebaka la ho ja dijo tse ngata tse fanang ka matla ho feta kamoo mmele o hlokang ka teng ho ja dijo tsa phepo e se nang bophelo bo botle ho se itlhakise o be mafolofolo mmeleng
O tshwanetse ho ja hanyenyane, haholoholo dijo tse fanang ka matla. Etsa bonnete ba hore o ja dijo tsa phepo e tletseng bophelo bo botle. Ka mantswe a mang, o tshwanetse ho ja dijo tse nang le diotlammele tse ahang mmele tse ngata tse jwalo ka tlhapi le dinawa, le tse nang le diotlammele tse sireletsang tse jwalo ka meroho le ditholwana. Eja dikotwana tse nyenyane tsa dijo.
Qoba dijo tse fanang ka matla a mangata tse jwalo ka tswekere, dijo tse sefuweng, mafura le dioli, mmoho le biri le dinotahi.
Ha o ja nama, hopola:
tlosa letlalo nameng ya kgoho tlosa mafura nameng e kgubedu eja tlhapi e eketsehileng mme o fokotse ho ja nama
Etsa bonnete ba hore o sebedisa letswai le lenyenyane feela dijong tsa hao kaha letswai le lengata le sa o lokela. Ho boetse ke ha bohlokwa ho ikwetlisa, kahoo he, fumana ditsela tsa ho itlhakisa mmeleng. Tsamaya ka potlako jwalo ka mora matsatsi a mabedi bakeng sa nako e etsang hora.
Etsa sedikadikwe ho dijo tse tsheletseng tse fanang ka matla setshwantshong sena.
Ke dife tseo e leng :
diotlammele tse ahang mmele (diprotheine)?
diotlammele tse sireletsang (divithamine le diminerale)?
Etsa sedikadikwe ho potapota dijo tse nang le ditlheferetsi.
Ho lekodisisa phepo.
Tadima seo mosadi enwa a se jang. Ke eng se phoso ka phepo ya hae?
Etsa setshwantsho sa dijo tse tletseng bophelo bo botle bakeng sa mosadi enwa tse tlang ho mo thusa ho theola mmele.
Kopanang le metswalle ya hao. Rerang ka dijo tse lokileng tse tletseng bophelo bo botle. Abelanang ka dikgopolo tsa lona.
TLHAHISOLESEDING YA TLATSETSO HODIMA PHEPO E TLETSENG BOPHELO BO BOTLE
Ditholwana le meroho ke karolo ya bohlokwa ya phepo ya hao, kahoo he, ke hobaneng o sa itjalle tsona? Mokoti o lekanang le foro kapa e lekanang le lemati e ka nna ya ba ke ntho e bobebe ka ho fetisisa eo o ka e tsamaisang ka bowena. Latela mehato e leqepheng lena mme o leke ho itjalla dijo tsa hao. Haeba o na le mathata afe kapa afe, kopa sekolo se haufi ho o thusa.
Bokella hopi ya matlakala a jwalo ka bokahodimo ba meroho, makgapetla, diqo tsa poone, dipalesa tse shweleng le lehola, jwang bo hlaha, mahlaku le masalla a mang a dimela, dikgaketla tsa mahe, masapo le monontsha wa sakeng.
Se ke wa sebedisa masalla a nama, polasetiki, kgalase kapa molora wa mashala.
Epa mokoti o lekanang le lemati. O ka lekanya sena ka kgarafu; mokoti o tshwanetse ho ba bophara bo lekanang le kgarafu e le nngwe le bolelele bo lekanang le dikgarafu tse pedi.
Epa mokoti ona botebo bo ka etsang 45cm (botebo ba ho fihla lengweleng). Boloka mobu o motsho wa ka hodimo o arohile ho mobu wa ka tlase o ka tlasa wona.
Tlatsa mokoti ho fihla halofong ka matlakala ao o a bokelletseng. A tshwanetse ho thujwa ho ba dikotwana tse nyenyane pele o a sebedisa.
Etsa matlakala ana a be mongobo. Matlakala a mongobo a fetoha dijo tsa mobu ka potlako ho feta matlakala a ommeng.
Kwahela matlakala ana a mongobo hang hang ka mobu o ka etsang 15cm wa ka tlase, mme wona o latelwe ke mobu wa ka hodimo.
Mobu o ka hodimo o tshwanetse ho ba feine o se na majwe kapa dikaqa. Mokoti o tlatsitsweng o tshwanetse ho ema o le 15cm ka hodima maemo a lefatshe.
Jwale o se o ka jala peo ya hao tshingwaneng ya hao ka mela e bapileng le mokoti.
Jala peo ka hloko. Dijalo ha di a tshwanela ho ba haufi haholo se seng ho se seng. Di kwahele ka mobu o seng mokae o feine o ommeng mme o hatelle mobu ona ka hloko.
Qetellong, kwahela serapa sena ka molallela o etsang 5cm wa jwang bo ommeng, mahlaku a shweleng kapa setroi.
Nosetsa tshingwana ya hao letsatsi ka leng matsatsing a pele a leshome.
Arohanya dijalo tshingwaneng ya hao ha di le bolelele bo etsang 10cm.
Etsa bonnete ba hore ho na le jwang bo ommeng, mahlaku a shweleng kapa setroi tse lekaneng tse kwahetseng mobu wohle o feela.
Ntjhafatsa ho kwahela hona bonyane hanngwe ka kgwedi.
Meroho ya hao e holang e tla sebedisa diotli tsa mobu tse mokoting, kahoo he, o tshwanetse ho kenya monontsha tshingwaneng ya hao pele o jala peo ya hao e ntjha mobung wona oo.
